Joko Ya Hao E Bobebe

Joko ea hao e bobebe
E nkhatholola pelo
Tumelo ho nna ke thebe
E tla mphemisa lefu
Nyakallo ke e fumane
Tseleng ea hao morena
Dira ho nna li qhalane
Ke hloloetse ke oena

U re ho nna ke le lale
Ke tshepe leholimo
Moeti ha a khathale
O pepjoa ke morena
E fela ho lutse joalo
Esale o thatile
U mpholisitse matsoalo
Me joale ke thabile

Ha ke hlahelloa ke lillo
U ntekola ka mosa
U ntlela ka lipolelo
Tse phakisang ho nthusa
Ha ke re ke mofutsane
U re che o na le nna
Ha ke re khoro ea hana
O re che
U tla kena

Ho tla ba joang ha ke siea
Kobo ena e bolang
Ke be joalo ka Elia
Ka koloi e fofang
Ke tla opa ka liatla
Ke tla re alleluya
Alleluya ho senatla
Se nkenyang ho Jehova

Ho tla ba joang ha ke siea
Kobo ena e bolang
Ke be joalo ka Elia
Ka koloi e fofang
Ke tla opa ka liatla
Ke tla re alleluya
Alleluya ho senatla

Curiosidades sobre a música Joko Ya Hao E Bobebe de Steve Kekana

Quando a música “Joko Ya Hao E Bobebe” foi lançada por Steve Kekana?
A música Joko Ya Hao E Bobebe foi lançada em 2009, no álbum “Ha Kele Je”.

Músicas mais populares de Steve Kekana

Outros artistas de Soft rock