Haueeng Banna

Masupha Molapo

Intro
Ts'epe D2AMAJOE, D'hokae Kommanda Obbs, Barakus, Majuka, Ntate Motjeko Folakha Ea Ts'epe M(uzi)k of The Molakosh, joalo ka maobane banna Hauuen banna Ts'epe.
Chorus 1
Se na o re mao o motle a le mong Ha ho sa na ngoane' motle mabuli a jele lithupa, (Hauueeng banna) Mabele ha a eo masimong, ba lutse ba lla ka bofutsana melomo e meputsoa (Hauueeeng banna) Ha re eeng masimong re ilo hlaola, re tla chaea seo re se jetseng re tla se kotula (Haueeng banna) Ha re tsoeng ka makhalo ka ho fapana (Hauueeeng banna) Ha re nkeng mehoma re kalle tlala.
Verse 1 (Motjeko)
Ke paka eaka thoto joale ke kena tseleng, ke ilo sela-sela seo ke tla se beha tafoleng Eta sa ka se nkha tsela ha ke leba Gauteng Cheleteng, batsoali haebe Khotso ka lapeng Ke tlala fela ha ke le sia mahlomoleng Empa che o tla loka, ha re qale tempeleng Re otle fats'e ka lengole tsela hle li khanye Mathata le masisa pelo re hle re itebatse Eeeh! Ka ba ka kena ka toropo, ha bona hantle tsa ka li felile li koloto Ke sa tsebe hore lehae ke kotopo Li tla lula li lutla tsena tsa ka likoloto Bosiu ke hlora, ke sena boroko, ke ngola pina tsena ke ikhothatsa ka lithoko Lefats'e la litoro le tletse bokhopo Ako thuse hle Jehovah joale ena ke kotlo.
Verse 2 (Barakus)
Ea tsoapela tsotsi eane ea Nkopane ea phonyoha phafa ea leburu, ea tshela noka ka lekunutu Manyatseng, ea thola bolulo malapeng, molaetsa oa fihla hore kenang tseleng Ha re eeng, ra kena hara lifate tsela e shebile ha Phunya selesele batsoali fonaneng Ke tsoa ke lebile Gauta, ke ipatlela baka sa ho phomotsa mele che re'a utloa, fela ha se tengKa nka koba kobo tsa ka ka thola sebaka lesakeng Hoa cha tse tala ka utloa hore mona ke lapeng Na ke itsoela Mafeteng, hona koana Lithabaneng O nka sama mane pela ntja tse lutseng corneng Ha'e lale, re tla kopana hosing Tsela ts'oeu letebele Kommanda banna haueeng, Haueeng banna, haueeng banna Kommanda Hauueng banna.
Chorus 2
Versen3 (Majuka)
Maputulo a qala ho bonahala chai ese ele hauts'oanyana, monna ke ho loma telu a sehle ka thatanyana Ho titima la nts'oekhe koete monna hata pata, sehloho sa lesea le ngala le bolaoa ke tlala Motsoetse bese le felile ho setse likhapha Ranta e uele ha ho thuse ho kena ha Mafafa Empa litlhoko li ntse le tjametse bo ntata bana Metsoalle thusang, thusang koluo e apere naha Se ka kobo ea nkoe e entse fats'e la'eso morena bo Morena oa bofuma tlala re busoa ke lisuo Heso hothoe ha o kolotoe muso oa mala empa o jeoa sekoloto ke li sono bafutsana Bontate emang re tsoe ka hare ho malapa Re ilo fata metsungtsunyana hojana pejana, Li sa kopaneng ke thaba tsa Lesotho ka hare ho naha, empa le tsona ka merithi ea tsona etsoe li'a kopana
Verse 4 (Folakha Ea Ts'epec)
Mo re eang ke pele kere morao ha re hetle Re Nakong sa lenaka la motsotso ha re fetoe Tsohang le rona ka matjeke re se seloe Re khoase re khutsitse D2AMAJOE re se tele Re folile pelo tsena le pele re kula, bokhopo ba pelo tsena ha se ma-ichu-a-itula, Ke bokhopo ba Babylon, li sono bafutsana, Ha re lutse re pharame ha hona ea ka re thusang.
Chorus 5
Verse 5
Ka matjeke se ntse ke phasa le mekoko, phoka li sa rotha lithokolosi li sa ja meroko Pele taoa le ka tsoha mo esale le lahoa ke sepoko Se ntse ke kalla tlala ke loanela hlooho eaka ke tlatsa liroto Ke jella ho khora, ha ke batle tlala joalo ka matsamai nka itjella noha, ha ke khora nka lihela lekhotla Ha ke'a tlisa masaoana ke tlilo nyofa kolomota Tlohella ho botsa hoba ha o ntse o re batla likarabo re tla o jella lebotha Phethahatsa litoro lefats'eng lena la balori O itebele o hlo ikele seli ho tsohle tse ka o hlahisang kotsi O re o tla sebeletsoa ke mang ha u phuthile matsoho Moketea ho tsosoa o itekang ha'u lutse re kekebe ra o bona Ema o iponahatse o tlohelle ho lla ka bofutsana Ha hona tsela e senang moepa kapa motse o senang khutsana na ke fetisetsa tsebo litsebeng tsa ba nkutloang, ke ts'oanelo ho phethahatsa thomo ea Molimo o mpusang.
Chorus 6

Curiosidades sobre a música Haueeng Banna de Kommanda Obbs

De quem é a composição da música “Haueeng Banna” de Kommanda Obbs?
A música “Haueeng Banna” de Kommanda Obbs foi composta por Masupha Molapo.

Músicas mais populares de Kommanda Obbs

Outros artistas de