E ntse ele Ts'epe
Intro
Ke tseba ka 'na ngoana Marriete, fats'e mona o tla e jella.
Verse 1 Kommanda Obbs
Ke tseba ka 'na ngoana Marriete, fats'e mona o tla e jela/
Ke'a tia kere ha ke na ho sebeletsa lefela/
Ntse ba ipatlisaka ntho li hana ho fela ba'e peleta/
Ntse ba e chaela monoanoa le kasheno ba'e kenela/
Kecho TS'EPE!
E taba li ngata u tla geleza/
E tla u bereka o tsoe o le motlaotutsoe o tla khenekhoa/
Ha ke etsa tjena ke lihela likhala ke'a phethela/
Ke lubisa mapepele thankha kea qetela.
Chorus 1 Kommanda Obbs
Sioelele-Sioelele, Sioelele Ngoana moshanyana/
Mona pina e qapiloe/
Ba bohlale, ba bohlale ba ikabile ka vrostaan/
Ba bohlale ba nkile malebela e se e llile TS'EPE!
Ere Keteu, Keteu, (ereng) Keteu, ere Keteu/
Sera re se hlotse ntoa re e hapile/
Hoba le kasheno o nts'u le Molimo/
Molimo o nko e metsi Jere u re ratile bo/

Bridge
Ha se joale e llile sekolo se kene/
Haele ho fa kheleke tsena malebela teng nka se qete/
Teng nka se tele/ kere/ teng nka se qete/
Verse 3 Kommanda Obbs
Hase joale e kata maliboho/
E 'mane u ts'abehang, ha se joale e khakhatha likopo/
"Hase joooale"/ Ha se joale e matlafatsa lipoho/
E tlatsa-tlatsa likheleke, e bile e ikhants'a ka lithooko/
E ntse ele thothofa entse e sa benye/
Ha e keteutsa tjena e hooa D2AMAJOE ke'a pele/
Entse e kata maliboho ena katakata ha e tele/
Fats'eng lena la bo Ntata rona re tsitse ha re cheche/
Re eme mona ha re thekesele/
Re tiile tumelong re jala ea Ts'epe efankheli/
Re eme mona, re jala ea Ts'epe efankheli/